Hlalosa Bitcoin joalo eka ke lilemo tse hlano.
e ngotsoe ke Nik Custodio 2013/12/12open in new window
Ha o sa ntse o sa utlwisise hore Bitcoin ke engโฆ ha ho bothata!โRe tlo e hlalosa ka tsela e bonolo
Re dutse bencheng ya paka. Ke letsatsi le letle haholo
Ke na le apole e le nngwe. Ke a o nea yona
Jwale o na le apole e le nngwe, mme nna ha ke na letho
Ho ne ho le bonolo, na ha ho jwalo?
A re shebeng ka hloko se etsahetseng:
Apole ya ka e ile ya bewa ka letsohong la hao ka sebele
O tseba hore se etsahetse. Nna ke ne ke le teng, le wena o ne o le teng. O ile wa e thetsa
Ha rea hloka motho wa boraro hore a re thuse ho fetisetsa apole. Ha rea hloka ho bitsa Malome Tommy (e eleng moahloli ya tummeng) hore a dule le rona setulong mme a netefatse hore apole e tswile ho nna e ya ho wena.
Apole ke ya hao! Ha ke sa kgona ho o nea apole e nngwe hobane ha ke sa na e nngwe. Ha ke sa e laola apole e keo fileng. Apole e tswile matsohong a ka, ka botlalo. Jwale wena o na le taolo e felletseng hodima apole eo. O ka e nea motswalle wa hao haebe o batla, mme motswalle eo a ka e nea motswalle wa hae hape. Mme jwalo le jwalo.
Kahoo, ke hona kamoo phetisetso e etswang ka seqo e shebahalang kateng. Ho jwalo le haeba nka be ke o neile banana, buka, kapa chelete e nyane โ jwalo ka ranta e le 'ngoe kapa liranta tse leshome....
Empa se ke feteletsi.
Re khutlela ho liapole!
Ke na le apole e le nngwe ya lijithale. Teng mona, ke tla o fa apole ya ka ya lijithale.
Aha! Jwale ho a kgahlisa.
O tseba joang hore apole eo ea lijithale e neng e le ea ka, joale ke ea hao - 'me ke ea hao feela? Nahana ka motsotsoana.
Ho thata, akere? U tseba joang hore ha kea romela apole eo ho Malome Tommy pele, ka imeile? Kapa ho motsoalle oa hao Joe? Kapa motsoalle oa ka Lisa le eena?
Mohlomong ke ka pheta pheta liapole tsa lijithale ho khomphutha ya ka. Ka e phatlalatsa Inthaneteng mme batho ba milione e le nngwe ba e hapa.
Joalokaha u bona, phapanyetsano ena ea lijithale ke bothata bo itseng. Ho romela liapole tsa lijithale ha ho tshwane le ho romela liapole tsa nnete.
Bahlale ba bo ramahlale ba likhomphutha ba ile ba fa bothata bona lebitso: bo bitswa bothata ba ho sebelisa ntho habeli. Empa o se ke wa tshwenyeha ka hona. Se bohlokwa hore o se tsebe, ke hore bothata bona bo ba refekantse haholo ka lilemo tse ngata, โme ho fihlela jwale ha ba eso fumane tsela ya ho bo lokisa
Ho fihlela jwale.
Empa a re leke ho nahana ka tharollo re le bang.
libuka tsa Rekoto
Mohlomong liapole tsena tsa lijithale li lokela ho ngolwa bukeng ya rekoto. Ke bukana e bontshang hore ke mang ya fileng mang diapole tsohle โ jwalo ka bukana ya ditjhelete.
Bukana ena, kaha e le ya lijithale, e lokela ho phela ka yona lefatse la yona mme ho be le motho ya e shebileng.
Jwalo ka papadi ya World of Warcraft. Blizzard, banna ba entseng papadi ena ya inthanete, ba na le โbukana ya lijithaleโ ya litjhwele tse futhumetseng tse hlwahlwa kaofela tse teng tsamaisong ya bona. Ka hona, ho monate โ motho jwalo ka bona a ka boloka tlaleho ea liapole tsa rona tsa lijithale. Hantle - re rarotse bothata!
Mathata
Empa ho na le bothata bo bonyenyane:
Haeba motho e mong ho Blizzard a hlahisa tse ngata? A ka eketsa liapole tse ling bukeng ya hae ya lijithale neng kapa neng ha a batla!
Ha ho tshwane le ha re ne re lutse bencheng ka letsatsi lele. E ne e le rona feela ba babeli. Ho fetisa liapole ka Blizzard ho tshwana le ho bitsa Malome Tommy (Ke la cho ka re ke moahloli ya tummeng?) ho tla shebella liphapanyetsano tsohle tsa rona, tse etsahetseng bencheng. Jwale nka o fa apole ya ka ya lijithale jwang, jwalo ka ha re etsa kamehla?
Na ho na le tsela eo re ka etsang hore ho tshwane le ha re lutse bencheng, ke rona feela ba babeli, re phapanyetsana liapole tsa lijithale? Ho bonahala ho le thata hanyaneโฆ
Tharollo
Ha re ka fa bukana ena ho batho bohle? Ho fapana le ho phela ho khomphutha ya Blizzard, e tla phela ho khomphutha tsohle tsa batho. liphapanyetsano tsohle tseo li kileng tsa etsahala, ho tloha mehleng ya kgale, ka liapole tsa lijithale di tla ngolwa bukaneng.
O ka se jale ka tsela e mpe. Ha ke khone ho o fa liapole tsa lijithale tseo ke se nang tsona, hobane di ke ke tsa lumellana le bukana ya batho bohle tsamaisong. E tla ba tsamaiso e thata ho hlola. Hape haholo haeba e ka hola haholo hoa eketseha batho.
Hape ha e laoloe ke motho a le mong, kahoo ke tseba hore ha ho motho ya ka ipha liapole tse ngata. Melao ya tsamaiso e ne e se e hlalositsoe qalong. Mme molaotheo o fumaneha ho bohle. E teng bakeng sa batho ba bohlale ho kenya letsoho, ho e boloka, ho e sireletsa, ho e ntlafatsa le ho e hlahloba.
Le wena o ka ba karaolo ea marangrang ao le batho bao, mme o thuse ho ntjhafatsa bukana ya lijithale le ho etsa bonnete ba hore tsohle li lokile. Ka lebaka la mosebetsi oo, o ka fumana moputso oa liapole tse 25 tsa litjithale. Ebile, ke yona feela tsela eo diapole tse ntjha tsa dijithale di hlahiswang ka yona tsamaisong ena.
Ke e nolofaditse ha nyane
โฆ empa tsamaiso eo ke e hlalositseng e teng. E bitswa Bitcoin protocol. Mme liapole tseo tsa lijithale ke di โbitcoinsโ tsamaisong ena!
Jwale, na o bone se entsheng? Bukana ya sechaba e lumella eng?
E fumaneha ho bohle, o hopola? Palo yohle ya liapole e ne e ngotswe bukeng ya sechaba qalong. Ke tseba hantle palo e teng. Tsamaisong, ke tseba hore li lekanyelitsoe (ha ho na tse ngata haholo).
Ha ke etsa phapanyetsano, jwale ke tseba hore apole ya lijithale e se e tswa ho nna hantle ebile joale ke ya hao ka botlalo. Pele ke ne ke sa kgone ho bolela jwalo ka lintho tsa lijithale. E tla ntjhafatshwa mme ya netefatshwa ke bukana ya sechaba.
Hobane ke bukana ya sechaba, Malome Tommy ha a hlokahale (motho wa boraro) ho etsa bonnete ba hore ha ke jale ka tsela e mpe, kapa ka iketsetsa liapole tse ding ho dima tse kenang le tsona, kapa ho romela liapole habeli, kapa lekhetlo la bararoโฆ
Ka hare ho tsamaiso ena, ho fapanyetsana apole ya lijithale ho tshwana hantle le ho fapanyetsana apole ya nnete. Ho tshwana le ha o bona apole ya nnete e tswa letsohong la ka e kena ka pokothong ya hao. Mme jwalo ka ha re ne re lutse bencheng, phapanyetsano ena e ne e le pakeng tsa batho ba babeli feela โ nna le wena. Ha re a hloka Malome Tommy ho e nnetefatsa.
Ka mantsoe a mang, E sebetsa joaloka ha e le ea โnete.
Empa o tseba se monate? E sa ntse e le lijithale. Jwale re ka sebetsa ka liapole tse 1,000 (sekete), kapa milione e le nngwe, kapa esita le karolo e nyane haholo ya apole (.0000001). Ke ka romela ka ho tobetsa konopo feela, mme ke ntse ke ka e kenya ka pokothong ya hao ya lijithale leha nka be ke le Gauteng mme wena o le Lesotho.
Ke ka etsa hore lintho tse ling tsa lijithale li tsamaesane le liapole tsena tsa lijithale! Ke lijithale, qetellong ha ho jwalo! Mohlomong nka kenya molaetsa holima yona โ jwalo ka Lengoloana la lijithale. Kapa mohlomong nka kenya ntho e bohlokwa haholo โ jwalo ka konteraka, kapa setifikeiti sa liabo, kapa karete ya boitsebisoโฆ
Jwale sena se monate hakaakang! Re lokela ho hlompha kapa ho nka liapole tsena tsa lijithale jwang? li thusa haholo, na ha ho jwalo?
Hantle, batho ba bangata ba a ferekana ka sena jwale. Ho na le mekgwa e fapaneng ya ho nahana ka tjhelete le moruo. Pakeng tsa bapolotiki le pakeng tsa baqapi ba mananeo. Empa o se ke wa mamela bohle. Ba bang ba bohlale. Ba bang ha ba tsebe hantle. Ba bang ba re tsamaiso ena e na le boleng bo boholo, ba bang ba re ha e na boleng ho hang. Motho e mong a ka beha R1,300 e le theko ea apole e le โngoe. Ba bang ba re ke khauta ya lijithale, ba bang ba re ke tjhelete. Ba bang ba re ke lipalesa. Ba bang ba re e tla fetola lefatse, ba bang ba re ke ntho feela e ncha
Ke na le maikutlo a ka ka yona.
Eo ke pale bakeng sa nako e nngwe, empa ngoaneso, jwale o tseba haholo ka Bitcoin ho feta batho ba bangata.
Libuka Tse Kgothaletswang ho di Bala (E ntlafalitswe 2017)
โYou Donโt Understand Bitcoin Because You Think Money is Realโopen in new window by Maria Bustillosopen in new window Ke phetiso e ntle ea ho e bala kamora ena.
O ka boela wa bala haholoanyane ho Ethereum and Smart Contracts hereopen in new window. Ithabise!